1. Paulosi a fihla Derebe le Lesitera. Teng ho ne ho ena le morutuwa e mong ya bitswang Timothea, mmae e le mosadi wa Mojuda, wa modumedi, empa ntatae e le Mogerike.
2. Timothea o ne a pakwa ke badumedi ba leng Lesitera le Ikonione.
3. Paulosi a rata ho tsamaya le yena, yaba o mo nka a mmolotsa ka baka la Bajuda ba leng dibakeng tseo, hobane ba ne ba tseba bohle hore ntatae ke Mogerike.
4. Ha ba ntse ba eya le metse, ba ne ba neela batho ba teng ditaelo tse beilweng ke baapostola le baholo ba leng Jerusalema, hore ba di boloke.
5. Yaba dikereke di matlafatswa tumelong, mme tsa ngatafala ka letsatsi le leng le le leng.