Diketso 15:35-41 BIBELE (SSO89SO)

35. Paulosi le Baranabase ba hlola Antiokia. Bona, le ba bang ba bangata, ba nna ba ruta, mme ba bolela molaetsa o molemo wa lentswe la Morena.

36. Jwale, kamora matsatsinyana, Paulosi a re ho Baranabase: “A re boele re tjhakele badumedi motseng o mong le o mong oo re ileng ra phatlalatsa lentswe la Morena ho wona, re bone hore na ba phela jwang.”

37. Jwale Baranabase o ne a lakatsa hore ba ye le Johanne ya bitswang Mareka,

38. empa Paulosi a fumana ho sa lokele hore ba ye le enwa ya ileng a ikgula ho bona ha ba ne ba le Pamfilea, a se ke a ya le bona mosebetsing.

39. Ha eba le phapang e kgolo hoo ba ileng ba arohana; Baranabase a nka Mareka, ba kena ka sekepeng ho tshelela Sipera.

40. Yare hoba Paulosi a kgethe Silase, a tloha a beilwe kalosong ya mohau wa Morena ke badumedi.

41. A feta le Siria le Silesia, a ntse a matlafatsa dikereke.

Diketso 15