Diketso 15:21-36 BIBELE (SSO89SO)

21. hobane ho tloha melokong ya kgalekgale, ho bile le ba rutang tsa Moshe motseng o mong le o mong, di balwa matlung a thapelo ka Sabatha se seng le se seng.”

22. Yaba baapostola le baholo le kereke yohle ba rera ho roma banna ba kgethilweng hara bona ho ya Antiokia le Paulosi le Baranabase: e leng Juda ya bitswang Baranabase le Silase, banna ba baetapele hara badumedi.

23. Ba ba neeletsa lengolo le reng: “Baapostola le baholo, e leng bana babo lona, ba dumedisa badumedi ba leng Antiokia le Siria le Silesia, ba tswang ho baditjhaba.

24. Re utlwile hore ba bang ba rona, ba neng ba sa laelwa ke rona, ba ile ba le tshwenya ka dipolelo, ba ferekanya maikutlo a lona.

25. Kahona re rerile ka moya o le mong ho roma ho lona banna ba kgethilweng, ba ena le baratuwa ba rona Baranabase le Paulosi,

26. e leng banna ba tetseng bophelo ba bona ka baka la Morena wa rona Jesu Kreste.

27. Ka baka leo, re romile Juda le Silase, mme ba tla le tsebisa ditaba tseo ka molomo.

28. Ho rerile Moya o Halalelang le rona hore re se ke ra le jarisa boima bo bong hape, haese tsena tse hlokahalang:

29. ho ila tse hlabetsweng medimo ya bohata, le madi, le dintho tse fenethilweng, le bohlola. Ha le ila tsena, e tla ba le etsa hantle. Salang ka kgotso.”

30. Yare hoba ba lokollwe, ba theohela Antiokia, ba bokella badumedi bohle, mme ba ba nea lengolo.

31. Hoba ba le bale, ba thabela kgothatso ya lona.

32. Juda le Silase, bao le bona e neng e le baporofeta, ba kgothatsa badumedi ka puo e telele, ba ba matlafatsa.

33. Hoba ba hlole teng nakwana, badumedi ba ba lokolla ka kgotso, ho boela ho ba ba romileng.

34. Leha ho le jwalo, Silase a itherela ho sala moo.

35. Paulosi le Baranabase ba hlola Antiokia. Bona, le ba bang ba bangata, ba nna ba ruta, mme ba bolela molaetsa o molemo wa lentswe la Morena.

36. Jwale, kamora matsatsinyana, Paulosi a re ho Baranabase: “A re boele re tjhakele badumedi motseng o mong le o mong oo re ileng ra phatlalatsa lentswe la Morena ho wona, re bone hore na ba phela jwang.”

Diketso 15