Diketso 14:5-17 BIBELE (SSO89SO)

5. Hara baditjhaba le Bajuda, hammoho le babusi ba bona, ha eba le morero wa ho ba etsa hampe le ho ba tlepetsa ka majwe.

6. Ha baapostola ba lemoha taba eo, ba tshabela metseng ea Lokaonia, le Lesitera le Derebe, le tikolohong ya yona,

7. mme ba bolela molaetsa o molemo teng.

8. Moo Lesitera ho ne ho ena le monna e mong, ya holofetseng maoto, e le seritsa sa tswalo, se dulang feela, se eso ka se tsamaya.

9. Monna enwa a mamela Paulosi ha a bua. Ha Paulosi a mo tadima, mme a bona hore o na le tumelo ya hore a ka fodiswa,

10. a bua ka lentswe le phahameng, a re: “Ema ka maoto, o otlolohe!” Yaba o tlolela hodimo, o a tsamaya.

11. Matshwele ha a bona seo Paulosi a se entseng, a howa ka puo ya Selokaonia, a re: “Medimo e theohetse ho rona ka sebopeho sa batho!”

12. Yaba a bitsa Baranabase Seuse, le Paulosi Heremese, kaha e ne e le yena molomo wa bona.

13. Moprista wa Seuse, eo tempele ya hae e neng e le haufi le motse, a tlisa dipoho tse meqhaka dikgorong tsa motse, mme yena a lakatsa ho etsa sehlabelo mmoho le matshwele.

14. Empa ha baapostola Baranabase le Paulosi ba utlwa hoo, ba hahola diaparo tsa bona, ba ikakgela hara letshwele, ba howa,

15. ba re: “Banna, le etsetsang jwalo? Le rona re batho jwaloka lona. Re le bolella molaetsa o molemo, e le hore le furalle mafeela ana, le sokolohele ho Modimo ya phelang, ya entseng lehodimo, le lefatshe, le lewatle, le dintho tsohle tse ho tsona.

16. Melokong e fetileng o ile a tlohella ditjhaba tsohle ho latela mekgwa ya tsona.

17. Leha ho le jwalo, ha a a ka a lesa ho ipaka ka ho etsa tse molemo, ka ho le fa pula e tswang lehodimong le kotulo ka nako ya yona, ho le kgorisa, le ho nyakalatsa dipelo tsa lona.”

Diketso 14