Diketso 14:26-28 BIBELE (SSO89SO)

26. Ba tloha teng ka sekepe, ba tshelela Antiokia, e leng moo ba neng ba ile ba bewa kalosong ya mohau wa Modimo ka baka la mosebetsi oo jwale ba o phethileng.

27. Ha ba fihla, ba phutha kereke, ba beha tsohle tseo Modimo a di entseng ka bona, le hore o buletse baditjhaba monyako wa tumelo.

28. Jwale ba dula nako e telele le barutuwa.

Diketso 14