24. Hoba ba fete le Pisidia, ba fihla Pamfilea.
25. Ha ba se ba boletse lentswe la Modimo Perege, ba theohela Ataleya.
26. Ba tloha teng ka sekepe, ba tshelela Antiokia, e leng moo ba neng ba ile ba bewa kalosong ya mohau wa Modimo ka baka la mosebetsi oo jwale ba o phethileng.
27. Ha ba fihla, ba phutha kereke, ba beha tsohle tseo Modimo a di entseng ka bona, le hore o buletse baditjhaba monyako wa tumelo.
28. Jwale ba dula nako e telele le barutuwa.