2. Empa Bajuda ba sa dumeleng ba hlohleletsa, ba senya maikutlo a baditjhaba hore a hanane le badumedi.
3. Ka baka leo, bo-Paulosi le Baranabase ba qeta nako e telele ba bua ka sebete ka Morena. Morena a paka bonnete ba lentswe le bolelang mohau wa hae, ka ho ba nea matla a ho etsa mehlolo le dimakatso.
4. Empa baahi ba motse ba arohana; ba bang ba dumellana le Bajuda, ba bang le baapostola.
5. Hara baditjhaba le Bajuda, hammoho le babusi ba bona, ha eba le morero wa ho ba etsa hampe le ho ba tlepetsa ka majwe.
6. Ha baapostola ba lemoha taba eo, ba tshabela metseng ea Lokaonia, le Lesitera le Derebe, le tikolohong ya yona,
7. mme ba bolela molaetsa o molemo teng.
8. Moo Lesitera ho ne ho ena le monna e mong, ya holofetseng maoto, e le seritsa sa tswalo, se dulang feela, se eso ka se tsamaya.
9. Monna enwa a mamela Paulosi ha a bua. Ha Paulosi a mo tadima, mme a bona hore o na le tumelo ya hore a ka fodiswa,
10. a bua ka lentswe le phahameng, a re: “Ema ka maoto, o otlolohe!” Yaba o tlolela hodimo, o a tsamaya.
11. Matshwele ha a bona seo Paulosi a se entseng, a howa ka puo ya Selokaonia, a re: “Medimo e theohetse ho rona ka sebopeho sa batho!”