12. Yaba a bitsa Baranabase Seuse, le Paulosi Heremese, kaha e ne e le yena molomo wa bona.
13. Moprista wa Seuse, eo tempele ya hae e neng e le haufi le motse, a tlisa dipoho tse meqhaka dikgorong tsa motse, mme yena a lakatsa ho etsa sehlabelo mmoho le matshwele.
14. Empa ha baapostola Baranabase le Paulosi ba utlwa hoo, ba hahola diaparo tsa bona, ba ikakgela hara letshwele, ba howa,
15. ba re: “Banna, le etsetsang jwalo? Le rona re batho jwaloka lona. Re le bolella molaetsa o molemo, e le hore le furalle mafeela ana, le sokolohele ho Modimo ya phelang, ya entseng lehodimo, le lefatshe, le lewatle, le dintho tsohle tse ho tsona.
16. Melokong e fetileng o ile a tlohella ditjhaba tsohle ho latela mekgwa ya tsona.
17. Leha ho le jwalo, ha a a ka a lesa ho ipaka ka ho etsa tse molemo, ka ho le fa pula e tswang lehodimong le kotulo ka nako ya yona, ho le kgorisa, le ho nyakalatsa dipelo tsa lona.”
18. Leha ba buile jwalo, ya eba bothata ho thibela matshwele ho ba etsetsa sehlabelo.
19. Yaba ho fihla Bajuda, ba etswa Antiokia le Ikonione, mme hoba ba kgodise matshwele, ba tlepetsa Paulosi ka majwe, ba mo hulanyetsa kantle ho motse, ba hloma eka o shwele.
20. Yare ha barutuwa ba sa ntsane ba mmokanetse, a ema, a kena motseng. Ka la hosasane a tloha le Baranabase, ba ya Derebe.
21. Hoba ba bolelle motse wa Derebe molaetsa o molemo, mme ba sokolle ba bangata hore e be barutuwa, ba boela Lesitera le Ikonione le Antiokia.
22. Ba matlafatsa dipelo tsa barutuwa, ba ba kgothaletsa ho tiisetsa tumelong, ba re: “Eka kgona re kene Mmusong wa Modimo ka ho feta hara matshwenyeho a mangata.”
23. Ha ba se ba ba kgethetse baholo kerekeng e nngwe le e nngwe, ba rapela, ba itima dijo, mme ba ba bea matsohong a Morena eo ba dumetseng ho yena.
24. Hoba ba fete le Pisidia, ba fihla Pamfilea.