1. Ha etsahala hore ha Paulosi le Baranabase ba le Ikonione, ba kene hammoho ka tlung ya thapelo ya Bajuda. Ba bua hoo palo e kgolo ya Bajuda le Bagerike e ileng ya dumela.
2. Empa Bajuda ba sa dumeleng ba hlohleletsa, ba senya maikutlo a baditjhaba hore a hanane le badumedi.
3. Ka baka leo, bo-Paulosi le Baranabase ba qeta nako e telele ba bua ka sebete ka Morena. Morena a paka bonnete ba lentswe le bolelang mohau wa hae, ka ho ba nea matla a ho etsa mehlolo le dimakatso.
4. Empa baahi ba motse ba arohana; ba bang ba dumellana le Bajuda, ba bang le baapostola.
5. Hara baditjhaba le Bajuda, hammoho le babusi ba bona, ha eba le morero wa ho ba etsa hampe le ho ba tlepetsa ka majwe.