Diketso 13:6-14 BIBELE (SSO89SO)

6. Ha ba se ba tsamaile le sehlekehleke sohle ho ya fihla Pafose, ba fumana monna e mong wa senohe, e le moporofeta wa bohata, wa Mojuda, ya bitswang Barejesu.

7. E ne e le lehlahana la mmusisi Seregiose Paulosi, monna ya sedi. Mmusisi enwa a bitsa Baranabase le Saule, hobane a ne a rata ho utlwa lentswe la Modimo.

8. Empa Elemase wa senohe, kaha lebitso la hae le hlaloswa jwalo, a ba hanyetsa, a batla ho kgelosa mmusisi tumelong.

9. Jwale Saule, ya bileng a bitswang Paulosi, a tletse Moya o Halalelang, a mo tadimisisa, a re:

10. “Ngwana Diabolosi! Wena ya tletseng thetso le bokgopo bohle! Sera sa toka yohle! Na ha o sa tla kgaotsa ho kgopamisa ditsela tse lokileng tsa Morena?

11. Jwale, bona, letsoho la Morena le a o otla: o tla foufala, o se ke wa bona letsatsi ka nako e itseng.”Hanghang mohodi le lefifi tsa mo aparela, mme a nna a phopholetsa ho batla ya ka mo tataisang ka letsoho.

12. Yare ha mmusisi a bona se etsahetseng, a dumela, a makalla thuto ya Morena.

13. Paulosi le ba nang le yena ba tloha Pafose ka sekepe, ba ya fihla Perege e Pamfilea. Johanne a kgaohana le bona, a kgutlela Jerusalema.

14. Bona ba phunyeletsa ho tloha Perege, ho ya fihla Antiokia e Pisidia. Ba kena ka tlung ya thapelo ka letsatsi la Sabatha, ba dula fatshe.

Diketso 13