37. Athe ya tsositsweng bafung ke Modimo ha a ka a bola.
38. “Ka baka leo, tsebang he, bana beso, hore ka Jesu le phatlalletswa tshwarelo ya dibe. Le dinthong tsohle tseo le neng le sitwa ho fumanwa le se molato ho tsona ka Molao wa Moshe,
39. mang le mang ya dumelang ho Jesu o fumanwa a se molato ho tsona.
40. Ka baka leo, hlokomelang, esere la hlahelwa ke se neng se bolelwe ke baporofeta:
41. “ <Tadimang, lona banyedisi ting!Makalang, le be le timele!Ke etsa ho hongmehleng ena ya hao;ke etsa hoo o nengo ke ke wa ho dumela,leha o ne o ka bawa ho bolellwa.> ”
42. Yare ha ba etswa, batho ba ba kopa hore ba tle ba ba bolelle ditaba tseo le ka Sabatha se latelang.
43. Jwale ha phutheho e se e qhalane, Bajuda ba bangata le basokolohi ba hlomphang Modimo, ba sala Paulosi le Baranabase morao. Bona ba bua le bona, ba ba kgothaletsa ho tiisetsa mohaung wa Modimo.
44. Ka Sabatha se hlahlamang motse wa batla o phutheha kaofela ho tla utlwa lentswe la Modimo.
45. Empa Bajuda ha ba bona matshwele, ba kenwa ke mona, ba hanyetsa tse builweng ke Paulosi, ba mo nyefola.
46. Yaba Paulosi le Baranabase ba bua ka sebete, ba re: “Ho ne ho tshwanetse hore lentswe la Modimo le bolelwe ho lona pele, empa erekaha le le hana, le ikahlola hore ha le lokelwe ke bophelo bo sa feleng; bonang, re ya ho baditjhaba.
47. Morena o re laetse tjena:“ <Ke o entse lesedi la ditjhaba,hore o ise pholohole dipheletsong tsa lefatshe!> ”
48. Yare ha baditjhaba ba utlwa ba thaba, mme ba tlotlisa lentswe la Morena. Bohle ba kgethetsweng bophelo bo sa feleng ba dumela.
49. Lentswe la Modimo la anetswa sebakeng seo.
50. Empa Bajuda ba kenya moya ho basadi ba hlomphehang, ba hlomphang Modimo, le ho banna ba ka sehloohong ba motse, hore ba hlorise Paulosi le Baranabase, mme ba ba leleka naheng ya bona.
51. Yaba bona ba ba hlohlorela lerole le maotong a bona, ba ya Ikonione.