33. o se phethahaditse ho rona, bana ba bona, ka ho tsosa Jesu bafung, jwalokaha ho ngotswe Pesalemeng ya bobedi, ho thwe:“ <O Mora wa ka,kajeno ke o tswetse;>
34. “le hore Modimo o mo tsositse bafung, hore a se ke a hlola a boela ho boleng, ke seo a se boletseng ha a re:“ <Ke tla le nea mahlohonoloa halalelang a sebele,a tiisitsweng a Davida.>
35. “Hape sebakeng se seng o re:“ <Ha o ka kewa tlohella Ya Halalelang wa haohore a bole.>
36. “Efela Davida hoba a sebeletse moloko wa hae, a phethe thato ya Modimo bophelong ba hae, o ile a ithoballa, a epelwa pela bo-ntatae, a bola.
37. Athe ya tsositsweng bafung ke Modimo ha a ka a bola.
38. “Ka baka leo, tsebang he, bana beso, hore ka Jesu le phatlalletswa tshwarelo ya dibe. Le dinthong tsohle tseo le neng le sitwa ho fumanwa le se molato ho tsona ka Molao wa Moshe,
39. mang le mang ya dumelang ho Jesu o fumanwa a se molato ho tsona.
40. Ka baka leo, hlokomelang, esere la hlahelwa ke se neng se bolelwe ke baporofeta:
41. “ <Tadimang, lona banyedisi ting!Makalang, le be le timele!Ke etsa ho hongmehleng ena ya hao;ke etsa hoo o nengo ke ke wa ho dumela,leha o ne o ka bawa ho bolellwa.> ”
42. Yare ha ba etswa, batho ba ba kopa hore ba tle ba ba bolelle ditaba tseo le ka Sabatha se latelang.
43. Jwale ha phutheho e se e qhalane, Bajuda ba bangata le basokolohi ba hlomphang Modimo, ba sala Paulosi le Baranabase morao. Bona ba bua le bona, ba ba kgothaletsa ho tiisetsa mohaung wa Modimo.