23. “Ke ka ditloholo tsa monna enwa Modimo a ileng a tlisetsa Iseraele Mopholosi, e leng Jesu, ho ya ka tshepiso ya hae.
24. Jesu a eso tle, Johanne o ne a ile a ruta batho bohle ba Iseraele hore ba bake, ba kolobetswe.
25. Ha Johanne a qetile tsa thomo ya hae, a re: <Le lekanya hore nna ke mang? Ha ke Yena, empa bonang, kamora ka ho tla eo ke sa tshwanelang ho lokolla meqathatso maotong a hae.>
26. “Banna ba heso, bana ba Aborahama, le lona ba tshabang Modimo, lentswe lena la pholoho le rometswe ho rona,
27. hobane ba ahileng Jerusalema le babusi ba bona ba ne ba sa tsebe monna enwa le mantswe a baporofeta, a neng a balwa ka Sabatha se seng le se seng, empa ba a phethahaditse ka ho mo ahlola.
28. Leha ba sa ka ba fumana a ena le molato o lokelang lefu, ba kopa Pilato hore a bolawe.
29. Ha ba se ba phethile tsohle tse ngotsweng ka yena, ba mo theola sefapanong, ba mmea ka lebitleng.
30. Empa Modimo a mo tsosa bafung.
31. Ka matsatsi a mangata a iponahatsa ho ba neng ba nyolohile le yena ho tloha Galelea ho tla Jerusalema, bao jwale e leng dipaki tsa hae ho batho.
32. “Rona re le bolella molaetsa o molemo: Seo Modimo a neng a se tshepisitse bo-ntata rona,
33. o se phethahaditse ho rona, bana ba bona, ka ho tsosa Jesu bafung, jwalokaha ho ngotswe Pesalemeng ya bobedi, ho thwe:“ <O Mora wa ka,kajeno ke o tswetse;>
34. “le hore Modimo o mo tsositse bafung, hore a se ke a hlola a boela ho boleng, ke seo a se boletseng ha a re:“ <Ke tla le nea mahlohonoloa halalelang a sebele,a tiisitsweng a Davida.>