12. Yare ha mmusisi a bona se etsahetseng, a dumela, a makalla thuto ya Morena.
13. Paulosi le ba nang le yena ba tloha Pafose ka sekepe, ba ya fihla Perege e Pamfilea. Johanne a kgaohana le bona, a kgutlela Jerusalema.
14. Bona ba phunyeletsa ho tloha Perege, ho ya fihla Antiokia e Pisidia. Ba kena ka tlung ya thapelo ka letsatsi la Sabatha, ba dula fatshe.
15. Yare hoba ba bale Molao le Baporofeta, baokamedi ba ntlo ya thapelo ba romela ho bona, ba re: “Banna ba heso, haeba le ena le lentswe le leng la ho kgothatsa batho bana, buang.”
16. Paulosi a ema, a phoka ka letsoho, a re: “Banna ba Iseraele, le lona ba tshabang Modimo, mamelang!
17. Modimo wa setjhaba sena sa Iseraele a na a kgetha bo-ntata rona moholo, a ba etsa setjhaba se seholo ha ba ntse ba jakile naheng ya Egepeta, mme a ba ntsha teng ka letsoho le matla.
18. Ka dilemo tse ka bang mashome a mane a mamella mekgwa ya bona ha ba le lehwatateng.
19. Ha a se a timeditse ditjhaba tse supileng naheng ya Kanana, a ba nea naha eo hore e be lefa la bona
20. ka dilemo tse ka bang makgolo a mane le mashome a mahlano.“Kamora tsena a ba nea baahlodi, ho fihlela mehleng ya moporofeta Samuele.
21. Ho tloha moo ba ikopela ho fuwa kgosi, mme Modimo a ba nea Saule, mora wa Kishe, wa leloko la Benjamine, ya ileng a busa ka dilemo tse mashome a mane.
22. Ha Modimo a se a mo tlositse, a bea Davida ho ba kgosi ya bona, eo a bileng a mo paka, a re: <Ke fumane Davida, mora wa Jese, e le monna eo ke mo ratang, ya tla phetha thato ya ka yohle.>
23. “Ke ka ditloholo tsa monna enwa Modimo a ileng a tlisetsa Iseraele Mopholosi, e leng Jesu, ho ya ka tshepiso ya hae.
24. Jesu a eso tle, Johanne o ne a ile a ruta batho bohle ba Iseraele hore ba bake, ba kolobetswe.
25. Ha Johanne a qetile tsa thomo ya hae, a re: <Le lekanya hore nna ke mang? Ha ke Yena, empa bonang, kamora ka ho tla eo ke sa tshwanelang ho lokolla meqathatso maotong a hae.>
26. “Banna ba heso, bana ba Aborahama, le lona ba tshabang Modimo, lentswe lena la pholoho le rometswe ho rona,
27. hobane ba ahileng Jerusalema le babusi ba bona ba ne ba sa tsebe monna enwa le mantswe a baporofeta, a neng a balwa ka Sabatha se seng le se seng, empa ba a phethahaditse ka ho mo ahlola.