Diketso 13:1-11 BIBELE (SSO89SO)

1. Kerekeng ya Antiokia ho ne ho ena le baporofeta le baruti, e leng Baranabase le Simeone, ya neng a bitswa Botsho, le Losaniase wa Sirene, le Manaene, ya hodisitsweng le kgosi Heroda, le Saule.

2. Ha ba ntse ba phetha tshebeletso ya Morena Jesu, mme ba itima dijo, Moya o Halalelang wa re: “Nkgetheleng Baranabase le Saule bakeng sa mosebetsi oo ke ba bitseditseng wona.”

3. Yare hoba ba itime dijo, mme ba rapele, ba ba bea matsoho, ba re ba tsamaye.

4. Kaha ba ne ba romilwe ke Moya o Halalelang, ba theohela Selekose; ho tloha moo ba tshelela Sipera ka sekepe.

5. Yare ha ba fihla Salamise, ba phatlalatsa lentswe la Modimo matlung a thapelo a Bajuda. Ba ne ba ena le Johanne, e le mothusi wa bona.

6. Ha ba se ba tsamaile le sehlekehleke sohle ho ya fihla Pafose, ba fumana monna e mong wa senohe, e le moporofeta wa bohata, wa Mojuda, ya bitswang Barejesu.

7. E ne e le lehlahana la mmusisi Seregiose Paulosi, monna ya sedi. Mmusisi enwa a bitsa Baranabase le Saule, hobane a ne a rata ho utlwa lentswe la Modimo.

8. Empa Elemase wa senohe, kaha lebitso la hae le hlaloswa jwalo, a ba hanyetsa, a batla ho kgelosa mmusisi tumelong.

9. Jwale Saule, ya bileng a bitswang Paulosi, a tletse Moya o Halalelang, a mo tadimisisa, a re:

10. “Ngwana Diabolosi! Wena ya tletseng thetso le bokgopo bohle! Sera sa toka yohle! Na ha o sa tla kgaotsa ho kgopamisa ditsela tse lokileng tsa Morena?

11. Jwale, bona, letsoho la Morena le a o otla: o tla foufala, o se ke wa bona letsatsi ka nako e itseng.”Hanghang mohodi le lefifi tsa mo aparela, mme a nna a phopholetsa ho batla ya ka mo tataisang ka letsoho.

Diketso 13