Diketso 12:5-18 BIBELE (SSO89SO)

5. Ka baka leo, Petrose a bolokwa tjhakaneng, empa kereke e ne e mo rapella ho Modimo e tiile.

6. Bosiung boo Heroda a neng a tla tsoha a mo hlahisa ho setjhaba ka bona, Petrose o ne a robetse pakeng tsa bahlabani ba babedi, a tlamilwe ka mahlaahlela a mabedi, mme balebedi ba lebetse monyako wa tjhankana.

7. Hanghang lengeloi la Morena la ema moo, mme lesedi la kganya ka tjhankaneng. Lengeloi la sisinya Petrose lehlakoreng, la mo tsosa, la re: “Tsoha kapele!” Mahlaahlela a matsohong a hae a wa.

8. Lengeloi la re ho yena: “Tena, o rwale meqathatso ya hao.” A etsa jwalo. La re ho yena hape: “Apara seaparo sa hao, o ntatele.”

9. A tswa, a le latela, a sa tsebe hore se etswang ke lengeloi ke nnete: A mpa a lekanya hore o bona pono.

10. Yare hoba ba fete molebedi wa pele le wa bobedi, ba fihla monyakong wa tshepe o tswelang motseng; wa ipula, yaba ba a tswa, ba theosa ka seterata se le seng, mme hanghang lengeloi la tloha ho yena.

11. Petrose ha a re qwatsi! Yaba o re: “Jwale ke tseba kannete hore Morena o romile lengeloi la hae, mme o nnamoletse matsohong a Heroda le ho tsohle tse neng di lebeletswe ke setjhaba sa Bajuda.”

12. Hoba a elellwe jwalo, a ya tlung ya Maria, mma Johanne ya bitswang Mareka, moo ba bangata ba neng ba phuthehetse teng, ba rapela.

13. Ha a kokota lemating la mathule, lekgabunyane le bitswang Roda la atamela, ho tla mamela.

14. La tseba lentswe la Petrose, mme ka baka la thabo, la se ke la bula lemati, la mpa la mathela ka tlung, la ba tsebisa hore Petrose o eme mathuleng.

15. Empa ba re ho yena: “O a hlanya!” Yena a tiisa ka matla hore ho jwalo. Yaba ba re: “Ke lengeloi la hae.”

16. Empa Petrose a nna a kokota; ha ba bula, ba mmona, mme ba makala.

17. A ba phoka ka letsoho hore ba kgutse, a ba phetela kamoo Morena a mo ntshitseng tjhankaneng kateng, a ba a re: “Tsebisang Jakobo le badumedi ditaba tsena.” A tswa, a ya sebakeng se seng.

18. Yare ha bo esa, ha eba le moferefere o se kaa ka letho hara bahlabani, ba re na hantlentle ho etsahetseng ka Petrose.

Diketso 12