Diketso 12:11-22 BIBELE (SSO89SO)

11. Petrose ha a re qwatsi! Yaba o re: “Jwale ke tseba kannete hore Morena o romile lengeloi la hae, mme o nnamoletse matsohong a Heroda le ho tsohle tse neng di lebeletswe ke setjhaba sa Bajuda.”

12. Hoba a elellwe jwalo, a ya tlung ya Maria, mma Johanne ya bitswang Mareka, moo ba bangata ba neng ba phuthehetse teng, ba rapela.

13. Ha a kokota lemating la mathule, lekgabunyane le bitswang Roda la atamela, ho tla mamela.

14. La tseba lentswe la Petrose, mme ka baka la thabo, la se ke la bula lemati, la mpa la mathela ka tlung, la ba tsebisa hore Petrose o eme mathuleng.

15. Empa ba re ho yena: “O a hlanya!” Yena a tiisa ka matla hore ho jwalo. Yaba ba re: “Ke lengeloi la hae.”

16. Empa Petrose a nna a kokota; ha ba bula, ba mmona, mme ba makala.

17. A ba phoka ka letsoho hore ba kgutse, a ba phetela kamoo Morena a mo ntshitseng tjhankaneng kateng, a ba a re: “Tsebisang Jakobo le badumedi ditaba tsena.” A tswa, a ya sebakeng se seng.

18. Yare ha bo esa, ha eba le moferefere o se kaa ka letho hara bahlabani, ba re na hantlentle ho etsahetseng ka Petrose.

19. Ha Heroda a mmatla, mme a sa mo fumane, a botsisisa balebedi, a nto laela hore ba bolawe. Yaba Heroda o theoha Judea, o ya Sesaria, mme a dula teng.

20. Jwale Heroda o ne a halefetse ba Tire le Sidone haholo. Ba tla ho yena ba le ntsweleng, mme hoba ba qekise Belasetose, modisa wa ntlo ya kgosi ya ho robala, ba kopa kgotso, hobane naha ya bona e ne e phediswa ke ya kgosi.

21. Ka letsatsi le kgethilweng, Heroda a apara seaparo sa hae sa bokgosi, a dula setulong sa hae, a bua le batho.

22. Letshwele la howa, la re: “Lentswe lena ke la modimo, e seng la motho!”

Diketso 12