5. “Ke ne ke rapela ke le motseng wa Jopo, mme ka bona pono. Ha theoha ntho e nngwe e kang lesela le leholo le tswang lehodimong, le lepeletswang, le tshwerwe ka diqola tse nne, mme ya tla ho nna.
6. Ha ke tadimisisa ka ho yona, ka bona diphoofolo tsa lefatshe tse maotomane, le dibatana, le dihahabi, le dinonyana tse fofang.
7. Ka utlwa le lentswe le re ho nna: <Petrose, ema, o hlabe, o je!>
8. “Yaba ke re: <Tjhe, le kgale, Morena! Hobane ka hanong la ka ha ho eso ka ho kena letho le ilehang, kapa le sa hlwekang.>
9. “Lentswe le tswang lehodimong la bua kgetlo la bobedi, la re: <Tseo Modimo a di hlwekisitseng, o se ke wa re di a ileha.>
10. Hona ha etsahala ka makgetlo a mararo, yaba tsohle di nkelwa hape lehodimong.
11. “Bonang, hanghang ha fihla banna ba bararo tlung eo ke neng ke le ka ho yona, ba romilweng ho nna, ba etswa Sesaria.
12. Moya wa re ho nna ke tsamaye le bona ke sa qeaqee ka letho. Le bana beso bana ba tsheletseng ba ya le nna, mme ra kena ka tlung ya monna eo.
13. A re tsebisa kamoo a ileng a bona lengeloi le eme ka tlung ya hae kateng, le re: <Romela Jopo, o bitse Simone ya bitswang Petrose.
14. O tla o bolella mantswe a tla o pholosa, wena le lelapa la hao lohle.>
15. “Yare ke sa qala ho bua, Moya o Halalelang wa theohela hodima bona, jwaloka ho rona, qalehong.
16. Jwale ka hopola polelo ya Morena, kamoo a itseng kateng: <Johanne o fela a kolobeditse ka metsi, empa lona le tla kolobetswa ka Moya o Halalelang.>