21. Letsoho la Morena le ne le ena le bona, mme palo e kgolo ya ba dumelang ya sokolohela ho Morena.
22. Jwale taba ena ya fihla tsebeng tsa kereke, Jerusalema, mme ba romela Baranabase, Antiokia.
23. Ha a fihla, mme a bona mohau wa Modimo, a thaba, a kgothaletsa bohle hore ba kgomarele Morena ka pelo tse tiileng,
24. kahobane e ne e le monna ya molemo, ya tletseng Moya o Halalelang le tumelo. Yaba letshwelehadi le sokolohela ho Morena.
25. Jwale Baranabase a ya Tarasuse ho ya batla Saule,
26. mme hoba a mo fumane, a mo tlisa Antiokia. Ha fela selemo se tletseng ba ntse ba phutheha le kereke, ba ruta letshwelehadi. Ke hona Antiokia moo barutuwa ba qadileng ho bitswa Bakreste teng.
27. Matsatsing ao baporofeta ba bang ba theoha Jerusalema, ba ya Antiokia.
28. E mong wa bona ya bitswang Agabuse, a ema, a dupa ka Moya o Halalelang hore ho se ho tla ba le tlala e kgolo lefatsheng lohle; ya fela ya eba teng mehleng ya ha ho ne ho busa Tlelaudiose.
29. Yaba barutuwa ba rera ho romela dithuso ho badumedi ba ahileng Judea, ho ya kamoo e mong le e mong wa bona a ka kgonang kateng.
30. Ba fela ba etsa jwalo, ba di romela ho baholo ka Baranabase le Saule.