13. A re tsebisa kamoo a ileng a bona lengeloi le eme ka tlung ya hae kateng, le re: <Romela Jopo, o bitse Simone ya bitswang Petrose.
14. O tla o bolella mantswe a tla o pholosa, wena le lelapa la hao lohle.>
15. “Yare ke sa qala ho bua, Moya o Halalelang wa theohela hodima bona, jwaloka ho rona, qalehong.
16. Jwale ka hopola polelo ya Morena, kamoo a itseng kateng: <Johanne o fela a kolobeditse ka metsi, empa lona le tla kolobetswa ka Moya o Halalelang.>
17. Ka baka leo, ha Modimo a ba neile mpho e lekanang le eo a e neileng rona ba dumelang ho Morena Jesu Kreste, nna ke ne ke le mang nka thibelang Modimo?”
18. Yare ha ba utlwa tsena, ba thola. Jwale ba tlotlisa Modimo, ba re: “Efela le baditjhaba Modimo o ba neile pako e isang bophelong.”
19. Badumedi ba neng ba qhalantswe ke tlhoriso e bileng teng ho Setefane, ba fetela Fenisia, le Sipera, le Antiokia, ba sa bolelle motho lentswe la Modimo, haese Bajuda feela.
20. Empa ba bang ba bona e ne e le matswallwa a Sipera le ba Sirene, bao eitseng ha ba fihla Antiokia ba bua le bahedene, ba ba ruta molaetsa o molemo wa Jesu Kreste.
21. Letsoho la Morena le ne le ena le bona, mme palo e kgolo ya ba dumelang ya sokolohela ho Morena.
22. Jwale taba ena ya fihla tsebeng tsa kereke, Jerusalema, mme ba romela Baranabase, Antiokia.
23. Ha a fihla, mme a bona mohau wa Modimo, a thaba, a kgothaletsa bohle hore ba kgomarele Morena ka pelo tse tiileng,
24. kahobane e ne e le monna ya molemo, ya tletseng Moya o Halalelang le tumelo. Yaba letshwelehadi le sokolohela ho Morena.
25. Jwale Baranabase a ya Tarasuse ho ya batla Saule,
26. mme hoba a mo fumane, a mo tlisa Antiokia. Ha fela selemo se tletseng ba ntse ba phutheha le kereke, ba ruta letshwelehadi. Ke hona Antiokia moo barutuwa ba qadileng ho bitswa Bakreste teng.