Diketso 10:43-48 BIBELE (SSO89SO)

43. Baporofeta bohle ba a mo paka, ba re e mong le e mong ya dumelang ho yena o tla amohela tshwarelo ya dibe ka lebitso la hae.”

44. Yare Petrose a sa ntse a bua mantswe ana, Moya o Halalelang wa theohela hodima bohle ba mametseng lentswe.

45. Badumedi bohle ba bolotseng, e leng Bajuda, ba feleheditseng Petrose, ba hlollwa ha mpho ya Moya o Halalelang e theolelwa le ho baditjhaba,

46. hobane ba ne ba utlwa ba bua dipuopuo, ba tlotlisa Modimo.Jwale Petrose a re:

47. β€œNa ho ka ba teng ya ka thibelang hore batho baa, ba amohetseng Moya o Halalelang jwaloka rona, ba kolobetswe ka metsi na?”

48. A laela hore ba kolobetswe ka lebitso la Jesu Kreste. Yaba ba mo kopa hore a hlole le bona matsatsi a se makae.

Diketso 10