Diketso 10:39-48 BIBELE (SSO89SO)

39. “Re dipaki tsa dintho tsohle tseo a ileng a di etsa naheng ya Bajuda le Jerusalema; yena eo ba mmolaileng ka ho mo thakgisa sefapanong.

40. Empa Modimo o ile a mo tsosa bafung ka letsatsi la boraro, mme a etsa hore a iponahatse,

41. e seng ho batho bohle, empa ho dipaki tse kgethilweng ke Modimo e sa le pele, e leng rona ba ileng ba eja, ba enwa le yena kamora ho tsoha ha hae bafung.

42. O ile a re laela ho phatlalletsa setjhaba le ho paka hore ke ya beilweng ke Modimo ho ba moahlodi wa ba phelang le ba shweleng.

43. Baporofeta bohle ba a mo paka, ba re e mong le e mong ya dumelang ho yena o tla amohela tshwarelo ya dibe ka lebitso la hae.”

44. Yare Petrose a sa ntse a bua mantswe ana, Moya o Halalelang wa theohela hodima bohle ba mametseng lentswe.

45. Badumedi bohle ba bolotseng, e leng Bajuda, ba feleheditseng Petrose, ba hlollwa ha mpho ya Moya o Halalelang e theolelwa le ho baditjhaba,

46. hobane ba ne ba utlwa ba bua dipuopuo, ba tlotlisa Modimo.Jwale Petrose a re:

47. “Na ho ka ba teng ya ka thibelang hore batho baa, ba amohetseng Moya o Halalelang jwaloka rona, ba kolobetswe ka metsi na?”

48. A laela hore ba kolobetswe ka lebitso la Jesu Kreste. Yaba ba mo kopa hore a hlole le bona matsatsi a se makae.

Diketso 10