Diketso 10:25-41 BIBELE (SSO89SO)

25. Yare ha Petrose a fihla, Kornele a mo kgahlanyetsa, a itihela maotong a hae, a kgumama.

26. Empa Petrose a mo emisa, a re: “Ema; le nna ke motho.”

27. Petrose a kena ha Kornele a ntse a buisana le yena, mme a fumana ho phuthehile batho ba bangata.

28. A re ho bona: “Ha ke re le tseba kamoo ho sa dumellehang kateng hore monna wa Mojuda a tlwaelane le moditjhaba, kapa a mo tjhakele? Empa nna Modimo o mpontshitse hore ha ho motho ya ilehang kapa ya sa hlwekang.

29. Ka baka leo, ke tlile ke se na pelaelo ha ke bitswa. Ha ho le jwalo, ke botsa hore na le mpitseditseng?”

30. Kornele a re: “Maobeng, ha ke ne ke ntse ke rapela ka tlung ya ka, ka nako e ka bang yona ena, e leng hora ya boraro motsheare wa mantsiboya, monna ya apereng seaparo se hadimang, a ema kapele ho nna.

31. Eaba o re: <Kornele, thapelo ya hao e utlwilwe, mme dithuso tsa hao ho mafutsana di hopotswe ke Modimo.

32. Ka baka leo, romela Jopo, o bitse Simone ya bitswang Petrose: ke moeti ha Simone, sesuhi sa matlalo, ya ahileng pela lewatle.>

33. Ka hona ke ile ka romela ho wena ka potlako, mme o entse hantle ha o tlile. Jwale rona bohle re teng mona pela Modimo, ho utlwa tseo o di laetsweng ke Morena.”

34. Petrose a bua, a re: “Kannete ke a hlokomela hore Modimo ha a ye ka tshobotsi,

35. empa, ditjhabeng tsohle, ya mo tshabang, ya etsang toka, o a amoheleha ho yena.

36. O ile a romela lentswe la hae ho bana ba Iseraele ka ho bolela molaetsa o molemo wa kgotso ka Jesu Kreste, eo e leng Morena wa bohle.

37. Le tseba se etsahetseng Judea yohle, ho qala Galelea, kamora kolobetso e ileng ya phatlalatswa ke Johanne;

38. kamoo Modimo a neng a tlotse Jesu wa Nasaretha kateng, ka Moya o Halalelang le ka matla. Jesu a tsamaya hohle a ntse a etsa tse molemo, a fodisa ba neng ba hateletswe ke Diabolosi, hobane Modimo o ne a ena le yena.

39. “Re dipaki tsa dintho tsohle tseo a ileng a di etsa naheng ya Bajuda le Jerusalema; yena eo ba mmolaileng ka ho mo thakgisa sefapanong.

40. Empa Modimo o ile a mo tsosa bafung ka letsatsi la boraro, mme a etsa hore a iponahatse,

41. e seng ho batho bohle, empa ho dipaki tse kgethilweng ke Modimo e sa le pele, e leng rona ba ileng ba eja, ba enwa le yena kamora ho tsoha ha hae bafung.

Diketso 10