23. Yare hoba a re ba kene, a ba amohela.Ka la hosasane a itokisa, a ya le bona, mme badumedi ba bang ba Jopo ba mo felehetsa.
24. Ka le hlahlamang a kena Sesaria. Kornele o ne a ba lebeletse, a bitsitse bang ka yena le metswalle ya hae ya hlooho ya kgomo.
25. Yare ha Petrose a fihla, Kornele a mo kgahlanyetsa, a itihela maotong a hae, a kgumama.
26. Empa Petrose a mo emisa, a re: “Ema; le nna ke motho.”
27. Petrose a kena ha Kornele a ntse a buisana le yena, mme a fumana ho phuthehile batho ba bangata.
28. A re ho bona: “Ha ke re le tseba kamoo ho sa dumellehang kateng hore monna wa Mojuda a tlwaelane le moditjhaba, kapa a mo tjhakele? Empa nna Modimo o mpontshitse hore ha ho motho ya ilehang kapa ya sa hlwekang.
29. Ka baka leo, ke tlile ke se na pelaelo ha ke bitswa. Ha ho le jwalo, ke botsa hore na le mpitseditseng?”
30. Kornele a re: “Maobeng, ha ke ne ke ntse ke rapela ka tlung ya ka, ka nako e ka bang yona ena, e leng hora ya boraro motsheare wa mantsiboya, monna ya apereng seaparo se hadimang, a ema kapele ho nna.
31. Eaba o re: <Kornele, thapelo ya hao e utlwilwe, mme dithuso tsa hao ho mafutsana di hopotswe ke Modimo.