Diketso 10:19-29 BIBELE (SSO89SO)

19. Ha Petrose a ntse a nahana ka pono eo, Moya wa re ho yena: “Bona, banna ba babedi ba a o batla.

20. Ema he, o theohe, o ye le bona o sa qeaqee, hobane ba romilwe ke nna.”

21. Petrose a theohela ho banna bao, a re: “Ke nna eo le mmatlang! Lebaka leo le tlileng ka lona ke lefe?”

22. Ba re: “Molaodi wa lebotho la ba lekgolo, Kornele, monna ya lokileng, ya tshabang Modimo, ya pakwang ke setjhaba sohle sa Bajuda, o lemositswe ke lengeloi le halalelang, hore a o bitsetse ha hae, a tle a utlwe seo o tla mmolella sona.”

23. Yare hoba a re ba kene, a ba amohela.Ka la hosasane a itokisa, a ya le bona, mme badumedi ba bang ba Jopo ba mo felehetsa.

24. Ka le hlahlamang a kena Sesaria. Kornele o ne a ba lebeletse, a bitsitse bang ka yena le metswalle ya hae ya hlooho ya kgomo.

25. Yare ha Petrose a fihla, Kornele a mo kgahlanyetsa, a itihela maotong a hae, a kgumama.

26. Empa Petrose a mo emisa, a re: “Ema; le nna ke motho.”

27. Petrose a kena ha Kornele a ntse a buisana le yena, mme a fumana ho phuthehile batho ba bangata.

28. A re ho bona: “Ha ke re le tseba kamoo ho sa dumellehang kateng hore monna wa Mojuda a tlwaelane le moditjhaba, kapa a mo tjhakele? Empa nna Modimo o mpontshitse hore ha ho motho ya ilehang kapa ya sa hlwekang.

29. Ka baka leo, ke tlile ke se na pelaelo ha ke bitswa. Ha ho le jwalo, ke botsa hore na le mpitseditseng?”

Diketso 10