Diketso 10:10-21 BIBELE (SSO89SO)

10. A lapa, a lakatsa ho ja. Yare ha ho ntse ho lokiswa dijo, a ba le pono.

11. A bona lehodimo le bulehile, mme ho theoha ntho e nngwe e kang lesela le leholo, le lepelletswang fatshe le tshwerwe ka diqola tse nne.

12. Ka ho lona ho ne ho ena le diphoofolo tsohle tse maotomane, dihahabi tsa lefatshe le dinonyana tse fofang.

13. Lentswe la re ho yena: “Petrose, ema, o hlabe, o je!”

14. Empa Petrose a re: “Tjhe, le kgale, Morena! Ha ke eso ka ke eja letho le ilehang, le sa hlwekang.”

15. Lentswe la bua le yena kgetlo la bobedi, la re: “Tseo Modimo a di hlwekisitseng, wena o se ke wa re di a ileha.”

16. Hona ha etsahala ka makgetlo a mararo, mme hanghang ntho eo ya nkelwa hape lehodimong.

17. Yare ha Petrose a ntse a ipotsa hore na pono eo a e boneng e bolelang, banna ba romilweng ke Kornele, hoba ba batle, ba botse hore na ha Simone ke kae, ba fihla monyako.

18. Ba howeletsa, ba botsa hore na ho na le moeti ya bitswang Simone Petrose moo.

19. Ha Petrose a ntse a nahana ka pono eo, Moya wa re ho yena: “Bona, banna ba babedi ba a o batla.

20. Ema he, o theohe, o ye le bona o sa qeaqee, hobane ba romilwe ke nna.”

21. Petrose a theohela ho banna bao, a re: “Ke nna eo le mmatlang! Lebaka leo le tlileng ka lona ke lefe?”

Diketso 10