1. Monna e mong o ne a le teng Sesaria, ya bitswang Kornele, e le molaodi wa ba lekgolo lebothong le bitswang la Italia.
2. E ne e le morapedi ya tshabang Modimo, yena le lelapa la hae lohle, a etsetsa setjhaba sa Bajuda dithuso tse ngata, a rapela Modimo kamehla.
3. Ha e batla e eba hora ya boraro motsheare wa mantsiboya, a bona ponong, ka mokgwa o hlakileng, lengeloi la Modimo le kena ka ho yena, le re: “Kornele!”
4. A le tadima, a tshoha, mme a re: “Keng, Morena?”La re ho yena: “Dithapelo le dithuso tsa hao ho mafutsana di amohelehile ho Modimo, mme o o hopotse.
5. Jwale romela banna Jopo, o bitse Simone ya bitswang Petrose;
6. ke moeti wa motho e mong, ya bitswang Simone, sesuhi sa matlalo, ya nang le ntlo pela lewatle.”
7. Yare hoba lengeloi le buang le yena le tlohe, a bitsa bahlanka ba hae ba babedi le mohlabani e mong wa ba mo lebelang, ya hlomphang Modimo,
8. a ba hlalosetsa tsohle tse etsahetseng, a nto ba roma Jopo.
9. Ka la hosasane, ha bao ba ntse ba le tseleng, mme ba se ba atametse motse, Petrose a hlwella kahodima ntlo ho ya rapela; e ne e ka ba hara mpa ya motsheare.
10. A lapa, a lakatsa ho ja. Yare ha ho ntse ho lokiswa dijo, a ba le pono.
11. A bona lehodimo le bulehile, mme ho theoha ntho e nngwe e kang lesela le leholo, le lepelletswang fatshe le tshwerwe ka diqola tse nne.
12. Ka ho lona ho ne ho ena le diphoofolo tsohle tse maotomane, dihahabi tsa lefatshe le dinonyana tse fofang.
13. Lentswe la re ho yena: “Petrose, ema, o hlabe, o je!”
14. Empa Petrose a re: “Tjhe, le kgale, Morena! Ha ke eso ka ke eja letho le ilehang, le sa hlwekang.”
15. Lentswe la bua le yena kgetlo la bobedi, la re: “Tseo Modimo a di hlwekisitseng, wena o se ke wa re di a ileha.”