Diketso 1:10-26 BIBELE (SSO89SO)

10. Yare ba sa ntse ba tadimile lehodimong ha a ntse a nyoloha, bonang, banna ba babedi, ba diaparo di tshweu, ba ema pela bona.

11. Yaba ba re: “Banna ba Galelea, le emetseng le shebile lehodimong? Jesu enwa ya nyolletsweng lehodimong, a tloha hara lona, o tla boela a kgutla ka mokgwa oo le mmoneng a nyolohela lehodimong ka wona.”

12. Yaba ba theoha thabeng e bitswang Thaba ya Mehlwaare, e haufi le Jerusalema, ba kgutlela Jerusalema, e leng leeto le lekanang le la letsatsi la Sabatha.

13. Ha ba se ba kene teng, ba nyolohela ka kamoreng e kahodimo, moo Petrose, le Johanne, le Jakobo, le Andrease, le Filipi, le Thomase, le Baretholome, le Matheu, le Jakobo mora wa Alefiose, le Simone Motjhesehi, le Judase mora wa Jakobo, ba neng ba emisitse teng.

14. Bana kaofela, ba ena le basadi, le Maria mma Jesu, le bana babo Jesu, ba tiisetsa thapelong ka maikutlo a le mang.

15. Matsatsing ao Petrose a ema hara badumedi ba ka bang lekgolo le mashome a mabedi ka palo, a re:

16. “Banna ba heso, e ne eka kgona ho phethahale Mangolo a neng a bolelwe e sa le pele ke Moya o Halalelang, ka molomo wa Davida, ha a ne a bua ka Judase ya neng a etelle pele ba neng ba tshware Jesu.

17. E ne e le e mong wa rona, mme a ena le kabelo tshebeletsong ena.”

18. Yaba Judase eo o reka tshimo ka moputso wa bokgopo ba hae, mme yare hoba a tabane fatshe moo, mpa ya hae ya phatloha ka lehare, mala a petletseha.

19. Baahi bohle ba Jerusalema ba tseba taba ena, mme ka puo ya bona tshimo eo ba e bitsa Akeledama, e leng ho re: Tshimo ya Madi.

20. “Bukeng ya Dipesalema, ho ngotswe ho thwe:“ <Leaho la bona le ke le fetohe lesupi,ho se be mothometlotlwaneng ya bona.“ <Hape ho thwe:“ <E mong a nke mosebetsi wa hae.>

21. “Ka baka lena eka kgona hore hara banna ba nnileng ba tsamaya le rona ka nako yohle, eo Morena Jesu a neng a ntse a ena le rona ka yona,

22. ho tloha ha Johanne a kolobetsa, ho fihlela ka letsatsi leo Jesu a neng a tloswe ho rona, a nyollelwa lehodimong ka lona, e mong wa bona e be paki ya tsoho ya hae mmoho le rona.”

23. Ba thonya ba babedi: Josefa ya bitswang Barasabase kapa Jusetuse, le Matiase.

24. Ba rapela, ba re: “Wena Morena, o tsebang dipelo tsa bohle, ako supe hore na ho ba babedi bana o kgethile ofe,

25. hore e be mohlahlami tshebeletsong ena ya boapostola, eo Judase a e furaletseng, a ya sebakeng se mo lokelang.”

26. Ba kgetha ka lotho, la ntsha Matiase, yaba o balellwa le baapostola ba leshome le motso o mong.

Diketso 1