1. Theofile ya kgabane, bukeng ya ka ya pele ke ngotse tsohle tseo Jesu a ileng a di etsa le ho di ruta ho tloha qalong,
2. ho fihlela ka letsatsi leo a neng a nyollelwe lehodimong ka lona, kamora hoba, ka matla a Moya o Halalelang, a laele baapostola bao a neng a ba kgethe.
3. Kamora tlhokofatso ya hae, o ile a iponahatsa ho bona a phela, ka bopaki bo bongata, ba nnete; ba mmona ka matsatsi a mashome a mane, a ntse a bua ka tsa Mmuso wa Modimo.
4. Yare ha a ena le bona, a ba laela, a re: “Le se ke la ba la tloha Jerusalema, le mpe le emele seo le se tshepisitsweng ke Ntate, seo le se utlwileng ka nna.
5. Johanne o ne a kolobetsa ka metsi, empa lona le tla kolobetswa ka Moya o Halalelang ho eso fete matsatsi a mangata.”
6. Yare ha ba phuthehile, ba mmotsa, ba re: “Morena, na ka nako ee o tla boela o tsosetsa Baiseraele borena?”
7. A re ho bona: “Ha le a tshwanela ho tseba dinako kapa mehla e taolong ya Ntate,
8. empa le tla amohela matla ha Moya o Halalelang o se o theohetse hodima lona. Le tla ba dipaki tsa ka Jerusalema, le Judea yohle, le Samaria, le ho ya fihla dipheletsong tsa lefatshe.”
9. Yare hoba a bue tsena, a nyollelwa hodimo ba ntse ba mo shebile, mme leru la mo tlosa mahlong a bona.
10. Yare ba sa ntse ba tadimile lehodimong ha a ntse a nyoloha, bonang, banna ba babedi, ba diaparo di tshweu, ba ema pela bona.
11. Yaba ba re: “Banna ba Galelea, le emetseng le shebile lehodimong? Jesu enwa ya nyolletsweng lehodimong, a tloha hara lona, o tla boela a kgutla ka mokgwa oo le mmoneng a nyolohela lehodimong ka wona.”