20. Ka nna ka bua jwalo, ka rapela, ka ipolela sebe sa ka le sa setjhaba sa heso sa Iseraele, mme ka lebisa thapedi ya ka ho Morena Modimo wa ka, ka baka la thaba e halalelang ya Modimo wa ka.
21. Ha ke ntse ke rapela jwalo, Gabariele, monna eo ke neng ke mmone ponong ya ka ya pele, a tla ho nna ka nako ya sehlabelo sa mantsiboya, a potlakile.
22. A bua le nna, a ntlhalosetsa, a re: “Daniele, jwale ke tlile ho wena ho tla o nea tsebo le kutlwisiso.