Daniele 9:15-18 BIBELE (SSO89SO)

15. “Jwale, Morena Modimo wa rona, wena ya neng a ntshe setjhaba sa hao naheng ya Egepeta ka letsoho la hao le matla, mme wa tumisa lebitso la hao ho fihlela kajeno, re entse sebe, re entse bokgopo.

16. Oho, Morena, ka ho ya ka ho loka hohle ha hao, ke a o rapela: Bohale ba hao le kgalefo ya hao a di ke di faposwe motse wa hao wa Jerusalema, thaba ya hao e halalelang. Ka baka la dibe tsa rona le makgopo a bo-ntata rona, Jerusalema mmoho le setjhaba sa hao, e fetohile sesomo ho bohle ba re potapotileng.

17. “Jwale, ka lebaka la hao, wena Modimo wa rona, ako mamele dithapelo le dithapedi tsa mohlanka wa hao, o hauhele Sehalalelo sena sa hao se senyehileng.

18. Oho, Modimo wa ka, ako sekehe tsebe, o mamele; ako tadime, o bone tshenyeho ya rona le ya motse ona o bitswang ka lebitso la hao. Dithapelo tsa rona ha re di lebise ho wena hobane re lokile, empa ke ka baka la ho tshepa mohau wa hao o moholo.

Daniele 9