Daniele 9:10-14 BIBELE (SSO89SO)

10. Ha re a ka ra mamela lentswe la Morena Modimo wa rona, ra tsamaya ka melao ya hae, eo a re beetseng yona ka bahlanka ba hae, baporofeta.

11. Baiseraele bohle ba tlotse molao wa hao, ba o kgeloha, ba se ke ba o mamela.“Ka baka leo, dithohako le dikahlolo tse hlapanyeditsweng, tse ngotsweng Molaong wa Moshe, mohlanka wa Modimo, di re wetse hodimo, hobane re o sitetswe.

12. O phethahaditse dipolelo tsa hao, tseo o neng o di bue ho rona le ho babusi ba rona, ka ho re dihela koduwa ena e tshabehang. Lefatsheng lohle ha ho eso ka ho etswa se kang sena se entsweng mona Jerusalema.

13. Jwalokaha ho ngotswe Molaong wa Moshe, koduwa ena yohle e re wetse hodimo. Empa le jwale ha re eso ka re rapela Morena Modimo wa rona ka ho furalla bokgopo ba rona, le ka ho latela nnete ya hae.

14. Ka baka leo, Morena o nnile a thisisa koduwa ena, empa jwale o e dihetse hodima rona. Morena Modimo wa rona o etsa tsohle ka ho loka, empa rona ha re a ka ra mamela lentswe la hae.

Daniele 9