8. Ka baka leo, phooko ya ikgohomosa haholo, empa ha matla a yona a ntse a eketseha, lenaka la yona le mophekapheka la robeha, yaba bakeng sa lona ho mela manaka a mang a mane, a mephekapheka, a shebileng diqoleng tse nne tse lefatshe.
9. Lenakeng le leng ha mela lenaka le lenyenyane, le ileng la hola haholo, matla a lona a tsejwa borwa, le botjhabela, le naheng e kgahlehang.
10. Lenaka lena la matlafala haholo, hoo le bileng la futuhela le mabotho a lehodimo, la dihela fatshe karolo e nngwe ya mabotho ana e leng dinaledi tse ding, mme la e hatakela.
11. La ba la nyedisa le yona kgosana ya mabotho ana, la fedisa sehlabelo se etswang ka letsatsi le letsatsi, la silafatsa le Sehalalelo.
12. Ka baka lena, batho ba etsa sebe bakeng sa ho etsa dinyehelo tsa letsatsi ka leng. Nnete ya lahlelwa fatshe, mme lenaka la atleha ho tsohle tseo le di etsang.
13. Jwale ka utlwa mohalaledi e mong a bua, mme e mong hape a botsa eo ya buang, a re: “Dintho tsee tse bonweng ponong di tla ba teng ho fihlela neng? E tla ba nako e kae ho ntse ho etswa manyala bakeng sa ho etsa dinyehelo tsa letsatsi ka leng, ho hatakelwa mabotho a lehodimo le Sehalalelo?”
14. Ya botswang a araba, a re: “E tla ba matsatsi a dikete tse pedi le makgolo a mararo. Kamora moo, Sehalalelo se tla hlwekiswa.”
15. Yare moo nna Daniele, ke ntseng ke leka ho utlwisisa seo pono eo ke e boneng e se bolelang, hanghang ka bona e mong ya kang motho, a eme pela ka.
16. Ka utlwa lentswe la ya howeletsang a le kahara noka ya Ulai, le re: “Gabariele! Hlalosetsa monna eo pono ena!”
17. Yaba o atamela moo ke emeng teng. Ha a fihla ka tshoha haholo, ka itihela fatshe ka sefahleho. Empa yena a re ho nna: “Utlwisisa, wena ngwana motho, hore pono ena e supa mehla ya bofelo.”
18. Ha a ntse a bua le nna ke ne ke akgehile, sefahleho sa ka se ntse se le fatshe, empa a ntshisinya, a nkemisa ka maoto.
19. Yaba o re: “Ke tla o bolella tse tla etsahala mohla kgalefo e felang, hobane di amana le mehla ya bofelo.
20. “Pheleu e naka di pedi, eo o e boneng, e emetse dikgosi tsa Media le Peresiya.
21. Phooko e makgisa ke kgosi ya Gerike, mme lenaka le mophekapheka, le phatleng ya yona, ke kgosi ya pele.
22. Manaka a mane a ileng a mela ha leo la pele le robeha, a tshwantsha mebuso e tla thewa hara setjhaba seo, empa mebuso eo e ke ke ya eba matla jwaloka mmuso wa pele.
23. “Mehleng ya qetelo ya mebuso eo,ha sebe se atile ka ho fetisisa,kgosi e lonya, e soro, e tla hlaha,kgosi e hlalefetseng tsohle,tsohle tsa bolotsana.