Daniele 8:21-25 BIBELE (SSO89SO)

21. Phooko e makgisa ke kgosi ya Gerike, mme lenaka le mophekapheka, le phatleng ya yona, ke kgosi ya pele.

22. Manaka a mane a ileng a mela ha leo la pele le robeha, a tshwantsha mebuso e tla thewa hara setjhaba seo, empa mebuso eo e ke ke ya eba matla jwaloka mmuso wa pele.

23. “Mehleng ya qetelo ya mebuso eo,ha sebe se atile ka ho fetisisa,kgosi e lonya, e soro, e tla hlaha,kgosi e hlalefetseng tsohle,tsohle tsa bolotsana.

24. Bonatla ba yona bo tla ba boholo,feela ha e tlo ba ba yona,ba yona ka seqo;ho timetsa ha yonae tla ba dimakatso,e atlehe ho tsohle tseo e di etsang,e timetse dinatla le bahalaledi.

25. Ka maqiti a yonabolotsana bo tla atleha,ka pelong ya yonaboikgohomoso bo tote,ba bangata e ba timetsehoja ba iketlile.E tla futuhelale Kgosana ya mahosana,qetellong e ripitlwee se ka letsoho la motho.

Daniele 8