Daniele 8:20-27 BIBELE (SSO89SO)

20. “Pheleu e naka di pedi, eo o e boneng, e emetse dikgosi tsa Media le Peresiya.

21. Phooko e makgisa ke kgosi ya Gerike, mme lenaka le mophekapheka, le phatleng ya yona, ke kgosi ya pele.

22. Manaka a mane a ileng a mela ha leo la pele le robeha, a tshwantsha mebuso e tla thewa hara setjhaba seo, empa mebuso eo e ke ke ya eba matla jwaloka mmuso wa pele.

23. “Mehleng ya qetelo ya mebuso eo,ha sebe se atile ka ho fetisisa,kgosi e lonya, e soro, e tla hlaha,kgosi e hlalefetseng tsohle,tsohle tsa bolotsana.

24. Bonatla ba yona bo tla ba boholo,feela ha e tlo ba ba yona,ba yona ka seqo;ho timetsa ha yonae tla ba dimakatso,e atlehe ho tsohle tseo e di etsang,e timetse dinatla le bahalaledi.

25. Ka maqiti a yonabolotsana bo tla atleha,ka pelong ya yonaboikgohomoso bo tote,ba bangata e ba timetsehoja ba iketlile.E tla futuhelale Kgosana ya mahosana,qetellong e ripitlwee se ka letsoho la motho.

26. “Pono ya mahlabeloa mantsiboya le a hoseng,pono eo e senotswengho wena ke ya nnete;feela wena o e etse bofihla ba hao,hobane tsa yonake tsa mehla e tlang.”

27. Yaba nna Daniele, ke a akgeha, mme ka qeta matsatsi a mangata ke kula. Hamorao ke ile ka tsoha, ka nna ka phetha mesebetsi eo ke neng ke e abetswe ke kgosi. Pono ena e ile ya mmakatsa, empa ha ho motho ya neng a ka e utlwisisa.

Daniele 8