19. Yaba o re: “Ke tla o bolella tse tla etsahala mohla kgalefo e felang, hobane di amana le mehla ya bofelo.
20. “Pheleu e naka di pedi, eo o e boneng, e emetse dikgosi tsa Media le Peresiya.
21. Phooko e makgisa ke kgosi ya Gerike, mme lenaka le mophekapheka, le phatleng ya yona, ke kgosi ya pele.
22. Manaka a mane a ileng a mela ha leo la pele le robeha, a tshwantsha mebuso e tla thewa hara setjhaba seo, empa mebuso eo e ke ke ya eba matla jwaloka mmuso wa pele.
23. “Mehleng ya qetelo ya mebuso eo,ha sebe se atile ka ho fetisisa,kgosi e lonya, e soro, e tla hlaha,kgosi e hlalefetseng tsohle,tsohle tsa bolotsana.
24. Bonatla ba yona bo tla ba boholo,feela ha e tlo ba ba yona,ba yona ka seqo;ho timetsa ha yonae tla ba dimakatso,e atlehe ho tsohle tseo e di etsang,e timetse dinatla le bahalaledi.