Daniele 8:1-12 BIBELE (SSO89SO)

1. Ka selemo sa boraro sa puso ya kgosi Beleshasare, nna Daniele, ke ile ka bona pono e nngwe hape, ntle ho dipono tseo ke neng ke ile ka di bona pele.

2. Ponong ena ka iphumana ke le Shushane, ka tlung ya bokgosi, naheng ya Elame. Ke ne ke eme lebopong la noka ya Ulai.

3. Ha ke lelatsa mahlo a ka, ke tadima, ka bona pheleu e eme lebopong la noka. Pheleu ena e ne e metse manaka a mabedi, a malelele. Empa le leng, le neng le ile la mela morao ho le leng, le ne le feta le leng ka bolelele.

4. Ka bona pheleu ena e kgorohela bophirimela, le leboya, le borwa. Ho ne ho se sebatana se ka e emang kapele, kapa motho ya ka pholosang e mong ho yona. E ne e iketsetsa seo e se ratang, e bile e ikgohomosa.

5. Ha ke ntse ke tadimile, ka bona phooko e etswa bophirimela, e haola lefatshe lohle, empa e sa hate fatshe. Phooko ena e ne e ena le lenaka la mophekapheka phatleng.

6. Phooko ena ya fihla ho pheleu yane e naka di pedi, eo ke boneng e eme lebopong la noka, mme ya e kgorohela ka sekgahla se seholo.

7. Ka e bona e atamela pela pheleu, e e halefetse haholo. Ya fihla ya thula pheleu, ya roba manaka a yona a mabedi. Kaha pheleu e ne e se na matla a ho thula, phooko ya e dihela fatshe, ya e hatakela, mme ho ne ho se motho ya ka namolelang pheleu eo.

8. Ka baka leo, phooko ya ikgohomosa haholo, empa ha matla a yona a ntse a eketseha, lenaka la yona le mophekapheka la robeha, yaba bakeng sa lona ho mela manaka a mang a mane, a mephekapheka, a shebileng diqoleng tse nne tse lefatshe.

9. Lenakeng le leng ha mela lenaka le lenyenyane, le ileng la hola haholo, matla a lona a tsejwa borwa, le botjhabela, le naheng e kgahlehang.

10. Lenaka lena la matlafala haholo, hoo le bileng la futuhela le mabotho a lehodimo, la dihela fatshe karolo e nngwe ya mabotho ana e leng dinaledi tse ding, mme la e hatakela.

11. La ba la nyedisa le yona kgosana ya mabotho ana, la fedisa sehlabelo se etswang ka letsatsi le letsatsi, la silafatsa le Sehalalelo.

12. Ka baka lena, batho ba etsa sebe bakeng sa ho etsa dinyehelo tsa letsatsi ka leng. Nnete ya lahlelwa fatshe, mme lenaka la atleha ho tsohle tseo le di etsang.

Daniele 8