Daniele 7:4-8 BIBELE (SSO89SO)

4. “Sebatana sa pele se ne se tshwana le tau, empa se ena le mapheo a kang a ntsu. Ka se tadima ho fihlela ha se kgaolwa mapheo, sa phahamisetswa hodimo, se emiswa ka maoto jwaloka motho, se bile se newa kelello e kang ya motho.

5. “Ka bona sebatana sa bobedi, se tshwanang le bere, se eme ka maoto a morao. Se ne se lomme mahopo a mararo ka meno a sona. Yaba ho thwe ho sona: <Ema, o harele nama e ngata!>

6. “Ha ke ntse ke tadimile ka bona sebatana se seng, se tshwanang le lengau, se neng se ena le mapheo a mane, a kang a nonyana, mokokotlong wa sona. Sebatana sena se ne se ena le dihlooho tse nne, mme sona sa newa matla a ho busa.

7. “Kamora tsena, diponong tsa ka tsa bosiu, ka boela ka bona sebatana sa bone, se tshabehang, se tshosang, se matla ka ho fetisisa. Se ne se ena le meno a maholo, a tshepe. Sa harola, sa tsekolla, mme ho setseng sa ho hatakela ka maoto a sona. Se ne se sa tshwane le dibatana tse ding tseo ke neng ke ile ka di bona pele, se bile se ena le manaka a leshome.

8. “Ha ke ntse ke tadimile manaka ana, ka bona lenakana le leng le runya pakeng tsa a mang, mme le runyola a mararo a pele. Lenakana lena le ne le ena le mahlo a kang a motho, le molomo o buang ka boikakaso.

Daniele 7