24. Manaka a leshome a tswang mmusong ona, wona ke dikgosi tse leshome tse tla ba teng. Kgosi e nngwe, e sa tshwaneng le tseo tsa pele, e tla di hlahlama, mme e hlole dikgosi tse tharo.
25. E tla bua ka boikakaso ho Ya Hodimodimo, e hlorise bahalaledi ba Ya Hodimodimo. E tla leka ho fetola dinako tsa selemo le melao. Ho tla neelanwa ka bahalaledi matsohong a yona ka nako e etsang dilemo tse tharo le halofo.
26. “ <Empa lekgotla la kahlolo le tla dula, kgosi ena e amohuwe matla a yona a puso, mme e fediswe, e timeletswe ruri.
27. Mmuso le matla a puso, le botumo ba mebuso yohle e lefatsheng, tsena di tla newa setjhaba sa bahalaledi ba Ya Hodimodimo, eo mmuso wa hae e leng mmuso wa kamehla yohle, eo babusi bohle ba tla mo sebeletsa, ba mo hlomphe.>
28. “Dipolelo tsena di fella mona. Ha e le nna Daniele, ke ile ka tshwenngwa haholo ke menahano ya ka, ka pudufallwa, empa tsena ya eba sephiri sa ka.”