Daniele 7:19-26 BIBELE (SSO89SO)

19. “Jwale ka batla ho tseba ditaba tsa sebatana sa bone, se sa tshwaneng le tsohle tse ding, se tshabehang ka ho fetisisa, se meno a tshepe le dinala tsa lethose, se harolong, se tsekolle, mme se hatakele ka maoto a sona hoo se ho siileng.

20. Ka batla ho tseba le tsa manaka a leshome a hloohong ya sona, le tsa lenakana le ileng la runyola a mang a mararo, le nang le mahlo le molomo o buang ka boikakaso, le neng le feta manaka a mang a habo lona.

21. Ka bona lona lenaka leo le lwantsha bahalaledi, le ba hlola.

22. Yaba ho fihla Moholo wa Matsatsi, a ahlolela bahalaledi ba Ya Hodimodimo. Jwale nako ya fihla ya hore mmuso o newe bahalaledi.

23. “Monna eo a re: <Sebatana sa bone e tla ba mmuso wa bona lefatsheng, o sa tlo tshwana le mebuso e meng yohle. O tla timetsa lefatshe lohle, o le hatakele, o le robokele.

24. Manaka a leshome a tswang mmusong ona, wona ke dikgosi tse leshome tse tla ba teng. Kgosi e nngwe, e sa tshwaneng le tseo tsa pele, e tla di hlahlama, mme e hlole dikgosi tse tharo.

25. E tla bua ka boikakaso ho Ya Hodimodimo, e hlorise bahalaledi ba Ya Hodimodimo. E tla leka ho fetola dinako tsa selemo le melao. Ho tla neelanwa ka bahalaledi matsohong a yona ka nako e etsang dilemo tse tharo le halofo.

26. “ <Empa lekgotla la kahlolo le tla dula, kgosi ena e amohuwe matla a yona a puso, mme e fediswe, e timeletswe ruri.

Daniele 7