12. Ha a le dibatana tse ding tsona, di ile tsa amohuwa matla a tsona, empa tsa ekeletswa nakwana ya ho phela.
13. “Ponong ya ka ya bosiu ka bona e mong ya kang Mora Motho, a etla a le hodima maru, a etla ho Moholo wa Matsatsi, mme ba mo atametsa kapele ho yena.
14. Yaba o newa puso, le tlotla, le mmuso, e le hore ba ditjhaba tsohle, le ba merabe yohle, le ba dipuo tsohle ba mo sebeletse. Puso ya hae ke puso ya kamehla yohle, e ke keng ya fela, mme mmuso wa hae o ke ke wa timetswa.
15. “Nna Daniele, moya wa ka o ile wa utlwa bohloko, mme dipono tseo ke di boneng kelellong ya ka tsa ntshwenya haholo.
16. Yaba ke atamela ho e mong wa ba neng ba eme moo, ka mmotsa hore na tseo di bolelang.“Yena a mpolella, a ntlhalosetsa se bolelwang ke dintho tsena, a re:
17. <Dibatana tsena tse kgolo, tse nne, ke dikgosi tse nne tse tla ba teng lefatsheng.
18. Empa bahalaledi ba Ya Hodimodimo ba tla nka mmuso e be wa bona kamehla; e, kamehla le mehla.>
19. “Jwale ka batla ho tseba ditaba tsa sebatana sa bone, se sa tshwaneng le tsohle tse ding, se tshabehang ka ho fetisisa, se meno a tshepe le dinala tsa lethose, se harolong, se tsekolle, mme se hatakele ka maoto a sona hoo se ho siileng.
20. Ka batla ho tseba le tsa manaka a leshome a hloohong ya sona, le tsa lenakana le ileng la runyola a mang a mararo, le nang le mahlo le molomo o buang ka boikakaso, le neng le feta manaka a mang a habo lona.