Daniele 6:26-28 BIBELE (SSO89SO)

26. “Ke etsa taelo ya hore dinaheng tsohle tse pusong ya ka, batho ba tshabe, mme ba hlomphe Modimo wa Daniele.“Ke Modimo ya phelang,ya phelang kamehla yohle,mmuso wa hae o ke ke wa timetswa,matla a hae a ke ke a fediswa.

27. O a pholosa o bile o a lopolla,o etsa mehlolo le dimakatso,a di etse lehodimong,a di etse le lefatsheng;o namoletse Daniele,a mo namolela tleneng tsa ditau!”

28. Daniele a atleha haholo pusong ya Dariuse le ya Siruse wa Peresiya.

Daniele 6