16. Yaba kgosi e laela hore ba tlise Daniele, mme ba mo akgela ka mokoting o moholo wa ditau. Jwale kgosi ya re ho Daniele: “Modimo wa hao, eo o mo sebeletsang ka botshepehi, o tla o pholosa!”
17. Ba phikolosetsa lejwe monyako wa mokoti o moholo, ba o kwala, mme kgosi ya tiisa lejwe ka lesale la yona la tiiso, le ka masale a tiiso a mahosana a yona, e le hore morero o entsweng ka Daniele o tle o se ke wa fetolwa.
18. Kgosi ya ikgutlella tlung ya yona ya bokgosi, ya qeta bosiu e sa je letho, ho se le diletsa tseo e di letsetswang, mme ya hlobaela.
19. Kgosi ya tsoha ka madungwadungwana, ya potlakela mokoting o moholo wa ditau.
20. Ha e fihla mokoting o moholo wa ditau ya howeletsa Daniele e tshwenyehile, ya re: “Daniele wee! mohlanka wa Modimo ya phelang, na Modimo wa hao eo o mo sebeletsang ka botshepehi o o pholositse ditaung?”
21. Yaba Daniele o re ho kgosi: “Wena kgosi, ako re phelele!
22. Modimo wa ka o ile a romela lengeloi la hae hore le thibe melomo ya ditau, di se ke tsa nketsa letho, hobane o fumane ke se na molato, mme le wena kgosi, ha ke eso o etsetse bobe ba letho.”
23. Kgosi ya thaba haholo, mme ya laela hore Daniele a ntshwe ka mokoting o moholo wa ditau. Yaba Daniele wa ntshwa, mme a fumanwa a se na le mongwaponyana feela, hobane o ne a tshepa Modimo wa hae.
24. Kgosi ya laela hore ho tliswe banna ba ileng ba qosa Daniele, mme banna bao, le bana ba bona, le basadi ba bona ba akgelwa ka mokoting o moholo wa ditau. Hang feela ba eso ka ba re qi! fatshe, kahara ditau, ditau tseo tsa ba qhautsa, tsa ba robokela kaofela ha bona.
25. Yaba kgosi Dariuse o ngolla ba ditjhaba tsohle, le ba merabe yohle, le ba dipuo tsohle, ba lefatsheng lohle, o re:“Kgotso e ke e le atele!
26. “Ke etsa taelo ya hore dinaheng tsohle tse pusong ya ka, batho ba tshabe, mme ba hlomphe Modimo wa Daniele.“Ke Modimo ya phelang,ya phelang kamehla yohle,mmuso wa hae o ke ke wa timetswa,matla a hae a ke ke a fediswa.