1. Dariuse a rera ho kgetha mahosana a lekgolo le mashome a mabedi ho okamela mmuso wa hae.
2. Kahodimo ho mahosana ana a bea baokamedi ba bararo, mme Daniele e ne e le e mong wa bona. Mahosana a ne a ikarabella ho bona, e le hore kgosi e se ke ya senyehelwa ke letho.
3. Daniele a ikgetha hara baokamedi le mahosana, hobane moya wa bohlale o ne o le ka ho yena. Kahoo kgosi ya rera ho mo etsa mookamedi wa puso yohle.
4. Yaba baokamedi le mahosana ba batla leqheka leo ba ka qosang Daniele ka lona, malebana le kamoo a busang kateng, empa ba sitwa ho fumana leqheka kapa wona molato. Kaha a ne a tshepahala, ha ba a ka ba fumana phoso kapa molato ho yena.
5. Banna bana ba re: “Re ke ke ra fumana lebaka leo re ka qosang Daniele ka lona, haese haeba e le taba e amanang le molao wa Modimo wa hae.”
6. Yaba baokamedi le mahosana ana ba phuthehela ho kgosi, ba bua le yona, ba re: “Wena kgosi Dariuse, ako re phelele!
7. Baokamedi bohle ba puso, le babusisi, le mahosana, le baeletsi, le balaodi, ba dumellane kaofela hore kgosi e etse molao, e be e laele ka thata hore ka matsatsi a mashome a mararo a tlang, mang kapa mang ya tla etsa thapedi ho modimo osele kapa ho motho e mong, haese ho wena feela, kgosi, a akgelwe ka mokoting o moholo wa ditau.