1. Dariuse a rera ho kgetha mahosana a lekgolo le mashome a mabedi ho okamela mmuso wa hae.
2. Kahodimo ho mahosana ana a bea baokamedi ba bararo, mme Daniele e ne e le e mong wa bona. Mahosana a ne a ikarabella ho bona, e le hore kgosi e se ke ya senyehelwa ke letho.
3. Daniele a ikgetha hara baokamedi le mahosana, hobane moya wa bohlale o ne o le ka ho yena. Kahoo kgosi ya rera ho mo etsa mookamedi wa puso yohle.
4. Yaba baokamedi le mahosana ba batla leqheka leo ba ka qosang Daniele ka lona, malebana le kamoo a busang kateng, empa ba sitwa ho fumana leqheka kapa wona molato. Kaha a ne a tshepahala, ha ba a ka ba fumana phoso kapa molato ho yena.
5. Banna bana ba re: “Re ke ke ra fumana lebaka leo re ka qosang Daniele ka lona, haese haeba e le taba e amanang le molao wa Modimo wa hae.”
6. Yaba baokamedi le mahosana ana ba phuthehela ho kgosi, ba bua le yona, ba re: “Wena kgosi Dariuse, ako re phelele!
7. Baokamedi bohle ba puso, le babusisi, le mahosana, le baeletsi, le balaodi, ba dumellane kaofela hore kgosi e etse molao, e be e laele ka thata hore ka matsatsi a mashome a mararo a tlang, mang kapa mang ya tla etsa thapedi ho modimo osele kapa ho motho e mong, haese ho wena feela, kgosi, a akgelwe ka mokoting o moholo wa ditau.
8. Jwale, wena kgosi, etsa taelo eo, e be e ngolwe, e le hore e tle e se ke ya fetoha, jwaloka melao ya Bamede le Maperesiya e ke keng ya fetolwa.”
9. Yaba kgosi Dariuse o re taelo eo e ngolwe.
10. Hoba Daniele a utlwe hore taelo e jwalo e entswe, a ya lapeng ha hae. Difesetere tsa kamore ya hae e kahodimo di ne di bulehile, di shebile nqa Jerusalema. A kgumama fatshe hararo ka letsatsi, a rapela, a leboha Modimo wa hae, jwalokaha a ne a nnile a etsa pele ho moo.
11. Banna bao ba phutheha, mme ba fumana Daniele a ntse a rapela, a etsa thapedi ho Modimo wa hae.