4. Ba nwa veine, ba rorisa medimo ya kgauta, le ya silefera, le ya lethose, le ya tshepe, le ya lehong, le ya lejwe.
5. Ka yona nako eo, ha hlaha menwana ya letsoho la motho, ya ngola leboteng le ditsweng la ntlo ya bokgosi, malebana le sedulwana sa lebone, mme kgosi ya bona seatla sa letsoho le ntseng le ngola.
6. Kgosi ya pudufallwa, ya tshwenyeha haholo maikutlong; letheka la yona la kgwehla, le mangwele a yona a otlana.
7. Kgosi ya howeletsa hore ho bitswe balepi ba dinaledi, le Bakalaitya, le badupi. Ya bua le dinohe tsa Babilona, ya re: “Mang kapa mang ya ka balang mongolo ona, mme a ntlhalosetsa seo o se bolelang, o tla apeswa diaparo tse perese, a rweswe sekgama sa kgauta molaleng, e be mmusi wa boraro pusong ena ya ka.”
8. Yaba bahlalefi bohle ba kgosi ba a kena, empa ba hlolwa ho bala mongolo, kapa ho hlalosetsa kgosi seo o se bolelang.
9. Jwale kgosi Beleshasare a tshwenyeha haholo, a pudufallwa, mme mahosana a hae a tsieleha.
10. Mofumahadi ha a utlwa lerata la kgosi le la mahosana a yona, a kena ka tlung ya mokete wa dijo, a re: “Oho, kgosi ya ka, ako re phelele! O se ke wa ferekana! O se ke wa pudufallwa!
11. Mmusong ona wa hao, monna o teng ya nang le moya wa medimo e halalelang ka ho yena. Mehleng ya ntatao, monna enwa o ile a ipaka hore o na le kelello e tjhatsi, le kutlwisiso, le bohlale bo kang ba medimo. Kgosi Nebukadenesare, ntatao, o ile a mo etsa mookamedi wa dinohe le balepi ba dinaledi, le Bakalatiya, le badupi.
12. Daniele yena enwa, eo kgosi e ileng ya mo rea lebitso la Beleteshasare, o ile a ipaka hore o na le moya o motle, le tsebo, le kutlwisiso ya ho hlalosa ditoro, le ho hlalosa dilotho, le ho araba dipotso tse thata. Ere Daniele a bitswe, mme o tla o hlalosetsa hore na hona ho bolelang.”
13. Daniele a tliswa kapele ho kgosi, mme kgosi ya bua ho yena, ya re: “Na ke wena Daniele, e mong wa bathopuwa ba Bajuda bao ntate, eo e neng e le kgosi, a neng a ba tlise kwano, ba etswa naheng ya Juda?