Daniele 5:20-27 BIBELE (SSO89SO)

20. Empa eitse ha pelo ya yona e qala ho ikgohomosa, e thatafatswa ke boikakaso ba yona, kgosi e ile ya theolwa teroneng ya bokgosi, ya hlobodiswa tlotla ya yona.

21. E ile ya lelekwa hara batho, mme pelo ya yona ya tshwana le ya dibatana; ya phela le ditonki tsa naha, ya eja jwang jwaloka dikgomo, mmele wa yona wa lalwa ke phoka ya lehodimo, ho fihlela e tseba hore Modimo ya hodimodimo ke yena ya laolang mmuso wa batho, mme o o nea ofe le ofe eo a mo ratang.

22. “Le wena Beleshasare, mora wa hae, ha o a ka wa ikokobetsa, le hoja o tsebile tsena tsohle.

23. O ikgohomoseditse Morena ya lehodimong. Ba o tliseditse dinwelo tse tswang ka Tempeleng ya hae, mme wena le mahosana a hao, le basadi ba hao, le basadi ba hao ba mafielo, le nweletse veine ka ho tsona. O ile wa rorisa medimo ya silefera, le ya kgauta, le ya lethose, le ya tshepe, le ya lehong, le ya lejwe, e sa boneng, e sa utlweng, e sa tsebeng letho. Empa ha o a ka wa tlotlisa Modimo eo bophelo ba hao le metsamao yohle ya hao e leng ka letsohong la hae.

24. Letsoho lena le ngotseng mongolo ona le tswa ho yena.

25. “Mantswe a ngotsweng ke ana:MENE MENE TEKELE PARESINE.

26. “Tlhaloso ya mantswe ana ke ena: MENE ke ho re: Modimo o badile matsatsi a mmuso wa hao, mme o o fedisitse.

27. TEKELE ke ho re: O beilwe sekaleng, mme o fumanwe o le bobebe.

Daniele 5