12. Daniele yena enwa, eo kgosi e ileng ya mo rea lebitso la Beleteshasare, o ile a ipaka hore o na le moya o motle, le tsebo, le kutlwisiso ya ho hlalosa ditoro, le ho hlalosa dilotho, le ho araba dipotso tse thata. Ere Daniele a bitswe, mme o tla o hlalosetsa hore na hona ho bolelang.”
13. Daniele a tliswa kapele ho kgosi, mme kgosi ya bua ho yena, ya re: “Na ke wena Daniele, e mong wa bathopuwa ba Bajuda bao ntate, eo e neng e le kgosi, a neng a ba tlise kwano, ba etswa naheng ya Juda?
14. Ke utlwile ho thwe moya wa medimo o teng ka ho wena, le hore o na le kelello e tjhatsi, le kutlwisiso, le bohlale bo hlollang.
15. Bahlalefi le balepi ba dinaledi ba ile ba tliswa kapele ho nna hore ba bale mongolo ona, mme ba ntlhalosetse seo o se bolelang, empa ba ile ba sitwa ho ntlhalosetsa.
16. Ke utlwile hore o tseba ho etsa ditlhaloso, le ho araba dipotso tse thata. Jwale, haeba o ka bala mongolo ona, wa ba wa ntlhalosetsa seo o se bolelang, o tla apeswa diaparo tse perese, o rweswe sekgama sa kgauta molaleng, mme o be mmusi wa boraro pusong ena ya ka.”
17. Yaba Daniele o bua sefahlamahlo ho kgosi, o re: “Ipolokele dimpho tseo tsa hao, le meputso ya hao o e nee e mong osele. Leha ho le jwalo, ke tla balla kgosi mongolo ona, mme ke e hlalosetse seo o se bolelang.
18. “Oho, wena kgosi, Modimo ya hodimodimo o ne a nee ntatao Nebukadenesare, mmuso le botlotlehi le tlotla le hlompho.
19. Ka baka la botlotlehi boo a neng a mo nee bona, batho ba ditjhaba tsohle, le ba merabe yohle, le ba dipuo tsohle, ba ile ba thothomela kapele ho yena, ba mo tshaba. Kgosi e ne e bolaya bao e ratang ho ba bolaya; bao e ratang ho ba hauhela e ba hauhela; bao e ratang ho ba phahamisa e ba phahamisa; bao e ratang ho ba kokobetsa e ba kokobetsa.
20. Empa eitse ha pelo ya yona e qala ho ikgohomosa, e thatafatswa ke boikakaso ba yona, kgosi e ile ya theolwa teroneng ya bokgosi, ya hlobodiswa tlotla ya yona.
21. E ile ya lelekwa hara batho, mme pelo ya yona ya tshwana le ya dibatana; ya phela le ditonki tsa naha, ya eja jwang jwaloka dikgomo, mmele wa yona wa lalwa ke phoka ya lehodimo, ho fihlela e tseba hore Modimo ya hodimodimo ke yena ya laolang mmuso wa batho, mme o o nea ofe le ofe eo a mo ratang.
22. “Le wena Beleshasare, mora wa hae, ha o a ka wa ikokobetsa, le hoja o tsebile tsena tsohle.
23. O ikgohomoseditse Morena ya lehodimong. Ba o tliseditse dinwelo tse tswang ka Tempeleng ya hae, mme wena le mahosana a hao, le basadi ba hao, le basadi ba hao ba mafielo, le nweletse veine ka ho tsona. O ile wa rorisa medimo ya silefera, le ya kgauta, le ya lethose, le ya tshepe, le ya lehong, le ya lejwe, e sa boneng, e sa utlweng, e sa tsebeng letho. Empa ha o a ka wa tlotlisa Modimo eo bophelo ba hao le metsamao yohle ya hao e leng ka letsohong la hae.
24. Letsoho lena le ngotseng mongolo ona le tswa ho yena.