Daniele 5:1-10 BIBELE (SSO89SO)

1. Kgosi Beleshasare a etsetsa mahosana a hae a sekete mokete wa dijo, a nwa veine moo batho bao ba sekete ba leng teng.

2. Ha Beleshasare a ntsa enwa veine, a laela hore dinwelo tsa kgauta le tsa silefera, tseo ntatae Nebukadenesare, a neng a di nke ka Tempeleng e neng e le Jerusalema, di tliswe, e le hore kgosi le mahosana a yona, le basadi ba yona, le basadi ba yona ba mafielo, ba tle ba nwele ho tsona.

3. Yaba ba tlisa dinwelo tsa kgauta, tse neng di nkilwe ka Tempeleng ya Modimo e neng e le Jerusalema, mme kgosi le mahosana a yona, le basadi ba yona, le basadi ba yona ba mafielo, ba nwela ho tsona.

4. Ba nwa veine, ba rorisa medimo ya kgauta, le ya silefera, le ya lethose, le ya tshepe, le ya lehong, le ya lejwe.

5. Ka yona nako eo, ha hlaha menwana ya letsoho la motho, ya ngola leboteng le ditsweng la ntlo ya bokgosi, malebana le sedulwana sa lebone, mme kgosi ya bona seatla sa letsoho le ntseng le ngola.

6. Kgosi ya pudufallwa, ya tshwenyeha haholo maikutlong; letheka la yona la kgwehla, le mangwele a yona a otlana.

7. Kgosi ya howeletsa hore ho bitswe balepi ba dinaledi, le Bakalaitya, le badupi. Ya bua le dinohe tsa Babilona, ya re: “Mang kapa mang ya ka balang mongolo ona, mme a ntlhalosetsa seo o se bolelang, o tla apeswa diaparo tse perese, a rweswe sekgama sa kgauta molaleng, e be mmusi wa boraro pusong ena ya ka.”

8. Yaba bahlalefi bohle ba kgosi ba a kena, empa ba hlolwa ho bala mongolo, kapa ho hlalosetsa kgosi seo o se bolelang.

9. Jwale kgosi Beleshasare a tshwenyeha haholo, a pudufallwa, mme mahosana a hae a tsieleha.

10. Mofumahadi ha a utlwa lerata la kgosi le la mahosana a yona, a kena ka tlung ya mokete wa dijo, a re: “Oho, kgosi ya ka, ako re phelele! O se ke wa ferekana! O se ke wa pudufallwa!

Daniele 5