Daniele 4:7-15 BIBELE (SSO89SO)

7. Yaba ho tla dinohe, le balepi ba dinaledi, le Bakalatiya, le badupi, mme ka ba phetela toro ena; feela ba sitwa ho ntlhalosetsa yona.

8. Qetellong Daniele o ile a tla ho nna. Lebitso la hae ke Beleteshasare, hobane o reeletswe modimo wa ka, o bile o na le moya wa medimo e halalelang ka ho yena. Ke ile ka mo phetela toro ya ka, ka re:

9. “Wena Beleteshasare, mookamedi wa dinohe, ke tseba hore moya wa medimo e halalelang o ka ho wena, mme ha ho sephiri se ka o sitang. Toro ya ka ke ena; ako ntlhalosetse yona.

10. “Ha ke ntse ke robetse diphateng tsa ka ke ile ka bona dipono tsena: Ka tadima, mme ka bona sefate se metse bohareng ba lefatshe, se le selelele haholo.

11. Sefate sena sa nna sa hola, sa matlafala, sa ya fihla marung, sa bonahala dipheletsong tsohle tsa lefatshe.

12. Mahlaku a sona a ne a kgahleha, se behile haholo, mme ditholwana tsa sona di lekane ho jewa ke bohle. Dibatana tsa naha di ne di itshireletsa moriting wa sona, le dinonyana tse fofang di hahetse makaleng a sona, le dibopuwa tsohle di phela ka sona.

13. “Ha ke ntse ke robetse diphateng tsa ka, ke ile ka bona leqosa le halalelang le theoha lehodimong.

14. La howeletsa, la re:“ <Remang sefate,makala a sona le a kgethule,mahlaku le a hlohlore,tholwana le di hasanye;batana di balehe moriting wa sona,nonyana di falle makaleng a sona.

15. Kutu le metso ya yonale di siye mobung,ka mahlaahlela a tshepe,le ka mahlaahlela a lethose,le e tlamelle jwanng bo botalana.Motho enwa a lalweke phoka ya lehodimo,a je jwang ba nahaa le hara dibatana.

Daniele 4